Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Brayan Leon: Sundowns ke sehlopha se seholo

Setlabotjha sehlopheng sa Mamelodi Sundowns Brayan Leon, o hlalositse ha Sundowns e ke sehlopha sa mantlha ka hara Afrika Boroa.

Leon ke seng sa dibapatse tse tharo tseo Sundowns e satswa diphatlalatsa jwalo ka ha ho kenwa karolong ya bobedi ya sehla.

Letswallwa lena la Colombia, ke mohlabadintlha wa boemo bo hodimo ho tswa sehlopheng sa Independiente Medellín pele a tla leba kwano Afrika Boroa.

Sebapadi sena, se hlalositse ha Sundowns e le sona sehlopheng se atlehile ka ho fitisisa Afrika Boroa e leng se susumeditseng qeto ya hae.

“Ke kgethile Sundowns hobane ke batla phepetso e ntjha,” ho realo Leon.

“Ke nahana ha e le sehlopha se hlwahlwa, se atlehile. Ke nahana ho bohlokwa ho batlana le diphephetso tse ntjha le ho dihlola o be mpudi.”

Leon ke emong wa dibapadi tse mmalwa tsa South America kapa mose ho mawatle tse tla apara mebala ya Sundowns.

Maqalong a sehla, Sundowns e arohane le sebapadi sa bona sa mmpeng ya lebala Lucas Ribeiro eo a neng a hlaba dintlha lenyelenyele.

Ho tsamaya ha Ribeiro ho siile sekgeo se seholo hoo sehlopha se tekenne dibapadi tse pedi ka tsa mose ka mora ho tsamaya ha hae.

Leon o hlalositse ha a batla ho thusa sehlopha ho hapa le ho tswelapele ho hola jwalo ka sehlopha.

“Ke tshepa ha ke tla kgutlisetsa molemo sehlopheng. Ke hlalositse hore Sundowns ke sehlopha se atlehileng ka ho fitisisa. Ke nahana ke lona lebaka le etsang hore kebe kwano ho hapa mehope le ho thusa sehlopha ho hapa.”

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Chicago Fire o hlalosa qeto ya ho tekena Dithejane