
Mokwetlisi wa Usuthu o re Natal Rich Boys ke dithatohatsi
Mokwetlisi wa AmaZulu FC Arthur Zwane, o hlalositse ha papading ya bona kgahlano le Richards Bay e tlaba e nngwe ya tse matla tseo batla dibapala.
Zwane o buile sena jwalo ka ha dihlopha bobedi dile kgabong ho itukisetsa ntwa ya dihlopha tse pedi tsa KwaZulu Natal mafelong ana a beke.
Lekgetlo la ho qetela bobedi bona bothulana ke selemo se fitileng ka kgwedi ya Pudungwana moo Richards Bay e hlotseng Amazulu ka 2 – 0.
Hoya ka Zwane, Natal Rich Boys ke bona dithatohatsi holatela hore papadi e tla bapalla lebaleng leo dihlopha dibapalletseng teng lekgetlo le fitileng.
“Ho bua nnete, re bapala kghlano le sehlopha se matla se ikgethileng,” ho realo Zwane.
“O hopole lekgetlo la ho qetela re bapala papadi ya Betway ba re hlotse ka 2 – 0. lekgetlong lena re etela bona.”
Zwane o qollotse tsela eo Richards Bay e ntseng e bapalla ka teng dipapading tsa moraorao.
“Sheba tsela eo ba baptseng ka yona kgahlano le Siwelele. Ba hlabile dintlha tse tharo mme seo se lokela ho o hlalosetsa hore ke sehlopha se jwang.”
“Ke sehlopha se matla se sebedisa menyetla le diphoso tsa badireng. Ke sehlopha se mahlahahlaha mme rona re lokela ho itukisetsa tseo.”
BALA HAPE: Mosimane: Ke na le kgahleho ya ho kwetlisa Bafana Bafana
