Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

France e phetha Morocco ho fetela mokgahlelong o latelang

Naha eo e leng dithatohatsi ya France, e hlotse Morocco ka 2 – 0 ho fetela mokgahlelong o tlang pele ho makgaolakgang [semi-final] tsa mohope wa lefatshe.

Dintlha tsa France, ditlile karolong ya bobedi ya papadi ka mora hore karolo ya pele e fele hose nko ho tswa lemina.

Kylian Mbappe o hlabile ntlha ya pele ha ntlha ya bobedi e hlajowe ke Ousmane Dembele.

BALA: Sebapadi sa mehleng sa Toronto se kgutlela lapeng?

Mbappe, o se a hlabile dintlha tse 8 e leng palo e lekanang le ya Lionel Messi ha Dembele a hlabile tse 5.

France e ne e sa qale ho kopana le Morocco moo ba kopaneng papading e tlang pele ho makgaolakgang ka 2022.

Sehlopha setla emela ho tseba hore setla kopana le naha e fe dipakeng tsa Spain le Belgium.

BALA: Broos o tsibisa a tla rola marapo a bokwetlisi ba Bafana Bafana