
Muthusamy o etsa lekgolo ho beha Afrika Boroa botleng
Sebapadi sa Afrika Boroa se otlang se bile se akgela (all-rounder) Senuran Muthusamy, o entse lekgolo la hae la pele papading e ntseng e tswelapele kgahlano le India ya teko.
Muthusamy ya keneng kgabong ka letsatsi la pele, o bokeleditse mematho e 109 pele a ketolwa ka mora ho etsa nalane.
Lekgolo la Muthusamy ka thuso ya Kyle Verrynne (45) le Marco Jansen (93), le thusitse Afrika Boroa ho dula memathong e 489 dibapadi ditswile kaofela.
Muthusamy o fihletse mematho e 50 lekgetlo la bobedi ka tatellano le ha a fetowe ke papadi ya pele kgahlano le India.
Sebapadi sena se kene lenaneng la dibapadi tsa Afrika Boroa tse seng dientse lekgolo la mematho selemong sena.
Hara tsona re ka bala Ryan Rickelton (259), Temba Bavuma (106), Kyle Verrynne (100) Aiden Makram (136), Corbin Bosch (100*), Wiaan Mulder (147 le 367*) le Tony de Zorzi (104).
Papadi e kgefuditse bakeng sa letsatsi la bobedi mme e tla kgutla hosane bakeng sa letsatsi la boraro.
Ha jwale Di’Proteas ke tsona tse akgelang mme India e tobane le moepa molelle hore ba lelekise mokolokotwane wa mematho e 489.
Papadi e kgefuditse India e dutse memathong e 9 hose sebapadi tse tswileng. Hosane papadi e tla thakgoha ka 05:30 hoseng ka nako ya Afrika Boroa.
BALA HAPE:Letsatsi la pele la teko ya bobedi le fihla pheletsong
