
Pirates e fihlella tumellano thekisong ya Mbokazi
Sehlopha sa Orlando Pirates se fihleletse tumellano le sehlopha sa Chicago Fire se bapalang Major Soccer League ho la America ka sebapadi sa bona.
Hoya ka SABC Sport, Pirates e fihleletse tumellano ya tjhelete e kalo ka R51 million bakeng sa ho rekisa sebapadi sa bona sa mantlha Mbekezeli Mbokazi ho leba America.
Lehlokwana la tsela le kumme sebapadi sena sene se kena setswa ka hara naha matsatsi a fitileng e le ha a ntse a lotomanya dintlha tse amanang le ho tsamaya ho Pirates.
Mbokazi ya dilemo di 20, ke se seng sa dibapadi tse hlwahlwa haholo ka hara Afrika Boroa ha jwale mme ke e mong wa dibapadi tse tshetjwang le sehlopheng sa naha.
Dikgwedi tse tharo a le sehlopheng se seholo ho Pirates, Mbokazi o bitseditswe sehlopheng sa naha mme le ka le hodimo ke se seng sa dibapadi tse bapalang ka bokgabane bo makatsang.
Sebapadi sena sa morao, e bile e le motlatsi mokaptene, o matha hantle mehlaleng ya Mohau Nkota ya phamiseditsweng sehlopheng se seholo mme a se qete nako e lelele le ho leba Saudi Arabia sehlopheng sa Al-Ettifaq.
Mbokazi ke letswallwa la Afrika Boroa la moraorao le tla leba America moo teng a tla bapalla le dibapadi tse jwalo ka Olwethu Makhanya (Philadelphia Union) le Bongokuhle Hlongwane (Minnesota United).
Le ha ho utlwahala tumellano e fihleletseng, Mbokazi o tlatswa a sale sehlopheng sa Pirates ho fihlela selemo se tlang ka mora mohope wa AFCON pele a ka leba mose ho mawatle.
Tebello ke hore Mbokazi o tla bapala karolo e kgolo jwalo ka ha Pirates e tla kena ho makgaolakgang a Carling Knockout ka la 6 Tshitwe kgahlano le Marumo Gallants.
BALA HAPE: Minnesota ya America e batla ditshehetso tsa Mofokeng
