Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Tinkler o re ba tsitlaletse meralong kgahlano le Chiefs

Ka mora ho fa Kaizer Chiefs tlholo ya bona ya pele ya sehla, mokwetlisi wa Sekhukhune United Eric Tinkler, o hlalositse ha ba tsitlaletse meralong ya bona jwalo ka sehlopha.

Sekhukhune se hlotse Chiefs ka dintlha tse tharo ho e lengwe (3 – 1) papading e bileng matla ya dihlopha tse tswileng tjaro ya mabonwa sehleng sena.

Mokwetlisi wa sehlopha Tinkler, o hlalositse ha ba tsibile hore papadi e tlaba matla empa ba tsitlalla meralong ya bona.

“Re tsibile hore Chiefs ke sehlopha se matla, haholo sehleng sena hobane ba bapala papadi e hlabolohileng papasong le dihla tse fitileng empa re tlile ka meralo eo re sale re sebetsa ka yona. Ho realo Tinkler.

Mokaubere Bradley Grobler o hlabile ntlha tse pedi le ho thusetsa ntlheng e hlabuweng ke Thabang Monare mme o ikgapetse kgau ya sebapadi sa letsatsi ka mora ho kgaola lerapo la Chiefs la hose hlajwe dintlha sehleng sena.

Tinkler o hlalositse ha a tsibile le ho thabela hore ba bile le menyetla mme ba e sebedisitseng.

“Re tsibile hore metsotso e tlaba teng mme ntlha ya bohlokwa e bile tsela eo re e sebedisang ka yona.”

“Ke thabetse ka moo Bradley a sebeditseng ka teng, e seng dintlheng fela empa dintweng tseo a di hapileng tsa moyeng le papading ka kakaretso.”

Sekhukhune se dutse ka hodimo tafoleng ya Betway Premiership ka dintlha tse 16 ka mora dipapadi tse tsheletseng mme haeso hlolwe. Papadi ya bona e latelang e ka moqebelo kgahlano le Golden Arrows lebaleng la Peter Mokaba ka hora ya boraro thapama.

BALA HAPE: Nabi o re e sale masa ho tlelwa ke tshabo