Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Nemtajela o hlalosa leeto la hae ho fihleng sehlopheng sa naha

Setlabotjha sehlopheng sa naha sa Bafana Bafana Masindi Nemtajela, o hlalositse ha dintho dietsahetse ka potlako bophelong ba hae.

Nemtajela, o satswa bitsetswa sehlopheng sa naha sa papadi ya bolo ka mora papadi e ntle eo a ntseng a tswelapele ho e bontsha sehlopheng sa hae sa Orlando Pirates.

Nemtajela, o ne a bapala lepoqong dilemo tse pedi tse fetileng pele a bonwa ke Marumo Gallants moo a bapetseng ntho e ka etsang sehla pele a leba ho Pirates.

“E ne e se leeto le bonolo le ha dintho dietsahetse ka potlako, selemo ke bapala lepoqong, dikgwedi ke ho NDF, ka mora moo ke bapala Pirates mme ke bitsetswa sehlopheng sa naha,” ho realo Nemtajela.

“Ke itebohela haholo sena se bontsha hore mosebetsi wa ka o thata boikwetlisong e ntlisetsa moputso.”

Sebapadi sena se bapalang mmpeng ya lebala se hlasela, e ne e le karolo ya sehlopha sa naha se bapetseng mohope wa COSAFA pele a tla leba ho Pirates.

Nemtajela o se a bapetse dipapadi tse robedi bakeng sa Pirates sehleng sena mme o se a phamisitse mehope wa MTN8, haufinyana o tla bapala makgaolakgang a Carling Knockout kgahlano le sehlopha sa hae sa mehleng (Marumo).

Bafana Bafana batla nkana le naha ya Zambia ka moqebelo wa la 15 lebaleng la Nelson Mandela Bay. Papadi ena etla thakgoha ka hora ya botshelela thapama.

BALA HAPE:

Ouaddou o re Nemtajela ke kgalala ya sebapadi

Pirates e fetela ho makgaolakgang a Carling Knockout