
Nalane e tla iphetha ha Afrika Boroa e thulana le Mexico
Nalane ya mohope wa lefatshe wa 2010 e tla iphetha ka mora hore Afrika Boroa e kene sehlotshwaneng sele seng le naha ya Mexico.
Bafana Bafana ba mokwetlisi Hugo Broos, ba sehlotshwaneng se le seng le naha ya Mexico eo e leng yona baamohedi ba baeti ka kopanelo le Canada le America.
Afrika Boroa, e sehlotshwaneng sa A le Mexico, South Korea le naha e tla hapa lebatoweng la UEFA Playoffs- D dipakeng tsa Denmark/ North Macedonia/ Czech Republic le Ireland.
Dinaha tsena tse pedi [Afrika Boroa le Mexico], dina le nalane ya ho thulana papading e bulang mohope wa lefatshe.
Sena se ile sa etsahalang ka 2010 ha Afrika Boroa e ne e le yona baamohedi ba baeti mme e bile e le lekgetlo la pele mohope wa lefatshe o bapalla Afrika.
Papading eo ke moo Siphiwe Tshabalala ya neng a bapalla Kaizer Chiefs, a ileng a hlaba ntlha ya pele ya tlhodisa a hlabela Afrika Boroa le ha papadi e ile ya fela ka maleka a 1 – 1.
Kgonahalo ke e kgolo ya hore Bafana Bafana ba tla bapala papading tse tla qala ka lebaka la sehlotshwana seo baleng ho sona le naha eo banang le yona e bile e le yona baamohedi ba baeti.
Le ha papadi ya pele ya Afrika Boroa e kaba kgahlano le Mexico, tebello ke ho tseba letsatsi, nako le sebaka moo e tla bapalla teng.

BALA HAPE: Eric Tinkler o tshwaela ka sehlopha se kgethilweng sa naha
