Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Swallows e leba lekgotleng ho hlakola thekiso ya boemo ho Gallants

Sehlopha se rekisitseng maemo a sona ho PSL sa Swallows, se boetse se ditabeng ka mora ditlaleho tsa hore se lebile lekgotleng la dinyewe ho hlakola qeto ya ho rekisetsa maemo a bona.

Swallows, e ne e kene ditumellano le Marumo Gallants ka thekisetsano ya boemo ho PSL mme e kwenehetse qeto eo ka mora hore Gallants e hlolwe ke ho fihlela dipehelo tsa tumellano.

Bobedi dihlopha dikene tumellano ya thekiso ka R40 million le ha Swallows e batlile R20 million sekolokoto (upfront) le R10 million e neng e lokela ho leba ho SARS ho kwala dikoloto le ha e sa lefshwa, ha R10 e ne e lokela ho lefa dibapadi.

Hoya ka SABC Sport, maqwetha a Swallows a lepa ha boqintolo (fraud) bo bile teng moo Gallants e hlotsweng ke ho hlalosa thekiso ya boemo ba bona ho sehlopha sa Lerumo United ho NFD.

Ketsahalo ena haya fapana hole ke ya Royal AM moo sehlopha se lebileng lekgotleng la dinyewe ho fumana tharollo.

Tsabo ke hore e bang Swallows e ka atleha nyeweng ena, dintlha le dipapadi tsa Marumo Gallants ditla qhelelwa ka thoko le dintlha tse fumanweng kgahlano le Gallants, dike ke tsa balwa.

Sena se hlalosa ha Swallows e kaba le monyetla wa ho fumana moreki e mong bakeng sa boemo ba bona ho PSL kapa ho kgutla ka bo yona.

BALA HAPE: Thembinkosi Lorch o qala bophelo ka ntlha Libya