Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

O nahana Mosimane o tla bitsa mang le ho tlohela mang?

Mokwetlisi wa Bafana Bafana ya motjha Pitso Mosimane, o lebeletswe ho phatlalatso sehlopha se fokoditsweng sa dibapadi.

Mosimane, o ile a phatlalatsa palo ya dibapadi tseo a tla nyafa ho tsona bakeng sa dipapadi tse pedi tsa ho phunyeletsa ho AFCON ho kenyeletsa papadi ya setswalle kgahlano le Egypt.

Tebello e kgolo ke ho bona hore Mosimane o tla bitsa mang le ho siya mang sehlopheng sa hae sa pele a tshwere marapo a bokwetlisi.

BALA: Baloyi o eletsa Da Cruz ka tshebetso ya Petersen

Mahlo boholo a tla sheba dibapadi tse jwalo ka Themba Zwane ya ntseng a sa fumane nako ya ho bapala.

Mosimane o sebeditse le Zwane ka nako ya hae Mamelodi Sundowns. Sebapadi se seng setla shejwa ke Lebohang Maboe ya sebetsang ka thata sehlopha sa hae sa Kaizer Chiefs.

Mosimane o tla e hlanaka ntle le dibapadi tse tshepelwang mabaka a thata [Mbekezeli Mbokazi, Khuliso Mudau le Thalente Mbatha] ba tswileng dikotsi.

Phatlalatso ya sehlopha e tla tshwarelwa SAFA House mme phatlalatso e tla etswa ka 12:00 hara mpa ya motsheare.

BALA: Williams o re papadi kgahlano le Al-Ahli e tlaba boima