
Orlando Pirates e ipabola ka makgabane
Sehlopha sa Orlando Pirates se tswelapele ho ipabola ka makgabane dibapadi tsa mehope e fapaneng sehleng sena.
Pirates e sa qalang sehla hantle ka ho hlolwa dipapading tse pedi tse qalang, e bonahala e fumane morethetho mme e kgathisa ba direng nyele le bosiu.
Papading ya moraorao Pirates e hlotse Siwelele FC ka ntla e lengwe ho noto (1 – 0) e le papadi ya Betway Premiership lebaleng la Toyota, Bloemfontein.
Sehlopha sena se kwetliswang ke Abdeslam Ouaddou se hlaba dintlha lenyelenyele mme se sireletsa ka bokgabane bo makatsang.
Dibapadi tse hlano tsa ho qetela Pirates e dihapile kaofela, ya hlaba dintlha tse 11 mme ya se hlajwe ntlha le ha e le nngwe.
BALA HAPE: Ouaddou o hlalosa thuto ya Arsene Wenger
Dibapadi tsena, di kenyeletsa papadi ya makgaolakgang a MTN8, papadi ya CAF Champions League le papadi tse tharo tsa Betway Premiership.
Sehlopha sena sa Orlando, se se bapetse dipapadi tse tsheletseng ho Betway mme ba hlotse tse nne ka tatellano.
Setlabotjha Oswin Appollis, o tswile tjaro ya mabonwa e boholwang ke dintja mme o hlaba le ho thusetsa dintlheng lenyelenyele.
Ka moqebelo ‘The Buccaneers’ batla amohela Lioli tsa Lesotho papading ya leoto la bobedi ya CAF Champions League.
Pirates, e eteletse pele papadi ka mora ho buretsa Lioli ka ntlha tse tharo papading ya leoto la pele. Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Orlando ka 15:00 motsheare.
BALA HAPE: Pirates e feta mohwalotso leotong la pele
