Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ouaddou o hlalosa sebopeho sa Derby ka pono ya hae

Ka mora ho hlola papadi ya hae ya pele ya Soweto Derby, mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha boemo ba papadi ena e le bo hodimo jwalo ka ba dipapadi tsa kontinente.

Pirates, e fafaditse Kaizer Chiefs ka 3 – 0 papadi e neng e phophoma balatedi lebaleng la FNB motsheare wa moqebelo.

Ouaddou o hlalositse ha papadi ena e ntse e batla e tshwana le tse ding empa hona le phapang e itseng ho yona.

Phapang ya papadi ena e ho dibapadi moo dibatlang ho bapala hantle le ho bongwa ke letshwele, empa jwalo ka mokwetlisi e fapane ho wena,” ho realo Ouaddou.

“Ke mokwetlisi mme ho nna hae etse phapang. Ke papadi e bohlokwa ho batshehetsi hobane dihlopha tse kgolo Pirates le Chiefs ke tsona tse lwanang.

“O ka hlalosa ha e se Soweto Derby fela empa ke papadi e jwalo ka ya Champions League.”

Ouaddou o kena dibukeng tsa nalane e le ha a phetha se ileng sa etswa ke Júlio César Leal Junior ka 2011 ha a ne a hapa Derby ya hae ka sehla sa pele a botse a hapile mohope wa MTN8 le Telkom Knockout eo ha jwale e leng Carling Knockout.

Ha jwale Pirates e kokometse se maratswana ka dintlha tse 41 mme e latelwe ke Mamelodi Sundowns le Sekhukhune.

E bang Sundowns e ka hlolwa ke ho hlola Sekhukhune, Pirates e tlatswa e sa dutse ka hodimo tafoleng ya dihlopha ho Betway.

BALA HAPE: Segolela: Mbule o lokela hoba le pelo le ho ema