Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Motsepe o hlakisa ntlhakemo ya bona ho lelekeng bakwetlisi

Modulasetulo wa Mamelodi Sundowns Tlhopi Motsepe, o hlakisitse ntlhakemo ya bona jwalo ka sehlopha qetong ya ho nyaola bakwetlisi.

Motsepe o hlakisitse seo a dumelang e le polelo e fapantsweng le molomo ka nako eo sehlopha  se neng se tekena Miguel Cardoso.

Sundowns e ile ya arohana le Rulani Mokwena jwalo ka mokwetlisi wa bona ka mora hore a hlolwe ke ho fetela ho makgaolakgang a CAF Champions le ho hlalosa ha sehlopha se sebeletsa ho hapa mohope.

Se ileng sa makatsa, ke ha Sundowns e fihla ho makgaolakgang tlasa Cardoso le ho hlolwa ke ho hapa mohope empa sehlopha sa se nke qeto ya ho monyaola ka ho hlolwa ke ho hapa mohope.

Puisanong le iDiski Times, Motsepe o hlalositse ha tlhaloso ya tshebetso ya bona e saka ya qhaqholla le ho utlwisiswa ka tsela eo sehlopha se e beileng ka yona.

“Ka lebaka la tlhompho, ke tshwanetse hape ho lokisa polelo,” ho realo Motsepe.

“Seo ke se boletseng ke hore re batla ho ntlafatsa bolo ya maoto, mme rena le sepheo sa ho hapa [CAF] Champions League le ho atleha dipapading tseo.

BALA HAPE: Ethan Chislett: Sena ke qalo feela

“Ha ke nahane hore re kile ra re ha dintho dika theoha retla leleka mokwetlisi, kahoo ke ne ke batla feela ho hlakisa taba eo.

Motsepe o hlalositse ha sehlopha se se maemong a mabe jwalo ka ha batho ba hlalosa

“E shebe ka pono e akaretsang – re ho kae ha jwale tafoleng ya dihlopha? Na re ne re le boemong boo selemong se fetileng? Re ne re le ba pele, mme re ntse re le ba pele.

“Re se re ikwaleditse dikotara tsa ho qetela tsa Champions League, kahoo toro eo e sa ntse e phela, mme re thabetse haholo ho qothisana lehlokoa tlhodisanong eo.

Sundowns e setse ka mehope e mmedi eo ba ka e hapang ka mora ho tswa mohopeng wa Nedbank mafelo a fitileng a beke.

BALA HAPE: William Shongwe: Mbule a ka etsa phapang e kgolo ho Derby