Ditaba tsa moraoraoKrikete

Pakistan e hlola Afrika Boroa letotong la T20

Naha ya Afrika Boroa e hlotswe ke naha ya Pakistan letotong la dipapadi tse tharo tsa T20 ka papadi tse pedi ho e le nngwe (2 – 1).

Pakistan, e tlile e se e hlaha ka morao ka mora hore Afrika Boroa e hape papadi e bulang ka mematho e 55 ka la 28 Mphalane.

Papading ya bobedi ke moo Pakistan e tlontlollotseng Afrika Boroa ka ho ba hlola ka wicket tse robong (9 wickets win) le ho lekanya dintlha (1 – 1).

Ka moqebelo wa la pele Pudungwane, dihlopha dikopane bakeng sa papadi e kgaolang kgang mme ke moo Pakistan e tswetseng pele ka mosebetsi wa bona.Naha e na e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela pele.

Afrika Boroa e kgonne fela ho etsa mematho e 139 makeng a bona, ho tswile dibapadi tse robong (139/9).

Makenong a bona, Pakistan e kgonne ho lelekisa mematho ya Afrika Boroa le ho dula ho 140 ho tswile dibapadi tse tsheletseng (140/6).

Sena se file Pakistan tlholo ya wicket tse nne le tlholo ya letoto la papadi tse tharo tsa mofuta o mokgutshwane (2 – 1 win).

Dihlopha ka bobedi ditla fetola mawa le ho itukisetsa dipapadi tsa di’ODI tse tharo. Papadi ya pele e tla qala kala 04 Pudungwane lebaleng la Iqba.

BALA HAPE: Di’Proteas dibutse letoto la T20 ka tlholo