Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Bafana Bafana ba nyoloha la dikgato tse 6 maemong a FIFA

Sehlopha sa naha Bafana Bafana se nyolohile dikgatong tsa lefatshe ka mora leeto lebileng ntlhapedi la mohope wa lefatshe.

Sehlopha se lebile mohopeng wa lefatshe se dutse boemong ba 60 mme ka mora dipapadi tse nne tseo ba dibapetseng, ba nyolohile ka dikgato tse 6.

Bafana Bafana ba dutse boemong ba 54 e leng palo e hodimo ka ho fitisisa ka mora ho theoha ho 52 ka Pherekgong 2015.

Sehlopha se tswelapele ho nyoloha hanyane hanyane tlasa botsamaisi ba Hugo Broos le ha eka o tla beha meja fatshe jwalo ka ha nako ya hae e fihla pheletsong.

Nalane ya sehlopha boemong ba FIFA:
Highest ranking: 16th (August 1996)
Lowest ranking: 124th
Current ranking (July 2026): 54th after the 2026 FIFA World Cup

Sehlopha se dutse dihlopheng tse 10 tse ka hodimo kontinenteng ya Afrika.

BALA: Sundowns e leba boikwetlisong Austria ntle le Maseko