Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o bua ka papadi ya labohlano

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o hlalositse ha papadi ya labohlano kgahlano le naha ya Zimbabwe e batla e le bohlokwa ho feta.

Broos o hlalositse ha batlameha ho hapa kgahlano le Zimbabwe mme papadi kgahlano le Rwanda batla e bona.

Zimbabwe e tswile lebelong la ho phunyeletsa ho ya mohopeng wa lefatshe empa e ntse bana le matla a ho thibela dihlopha ho phunyeletsa.

Dipapading tse hlano tsa ho qetela, Afrika Boroa e hlotse Zimbabwe dipapading tse tharo ka tatellano, tsa bapala maleka ha nngwe mme Zimbabwe ya hapa papadi e le nngwe ka selemo sa 2013.

Broos o hlalositse ha a na le tumelo e tletseng ya hore sehlopha sa hae setla hapa le ho fetela pele.

“Retla etsa tsohle ho hapa papadi eo. Ha ke dumele re lokela ho ikgalala ho latelang ka moo ntse re bapala ka teng. Ke dumela hore e bang se teng sehlopha se hlokang hoya mohopeng wa lefatshe, ke Afrika Boroa,” ho realo Broos.

Le ha Benin le Afrika Boroa dimatha pele ho sehlopha sa C, dihlopha tse nne kaofela dina le monyetla wa ho phunyeletsa mme papadi tsa mafelo a beke, dika fokotsa palo eo.

Afrika Boroa e lokela ho hapa dipapadi tsa bona ka bobedi ka ntlha tse ngata hore ba fetele pele mme ba hloka hore bonyane Benin e lahlehelwa hore kgatello e fokotsehe.

Papadi ya labohlano e tla thakgoha ka hora ya botshelela (18:00) lebaleng la Moses Mabhida.

BALA HAPE: Lenane la dikotsi le hlwa mekwalaba sehlopheng sa naha