Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Phetolo ya letsatsi la Soweto Derby e ama papadi e nngwe ya Chiefs

Ka mora ho tsibiswa ha phetoho e bileng teng ya Soweto Derby, sehlopha sa Kaizer Chiefs se fetotse letsatsi la papadi e nngwe ya bona.

Sehlopha sa Orlando Pirates seo e leng sona setla amohela Chiefs, se tsibisitse ha papadi ya Soweto Derby e tla bapala ka sontaha sala 26 Mmesa papisong le 25 ho latela phatlalatso ya sethathong.

Phetoho ena e tlile ka lebaka la mokete o tlaba teng pela lebala la FNB ka moqebelo mme ho qoba tshitisi, sehlopha se kgethile ho isa papadi letsatsing la sontaha.

Sena, e tlabe e le lekgetlo la pele dilemong tse hlano papadi ya Soweto Derby e bapala ka sontaha motsheare.

Phetoho ena, e amme papadi e nngwe ya Chiefs e neng e lokela ho bapala kala 28 kgahlano le Siwelele FC.

Papadi ena, e se e tla bapala kala 29 Mmesa hona lebaleng la Toyota e bile e le papadi e neng e setse morao.

Chiefs e tla lokela ho itukisetsa kgwedi e tletseng dipapadi tse matla tsa ho phethela sehla jwalo ka ha batla kopana le Pirates, Mamelodi Sundowns, Sekhukhune United le AmaZulu tse tsekang ho qeta sehla dile maemong a hodimo.

Ka mora kgefutso ya FIFA, sehlopha setla nka leeto moo setla kopana le Orbit College kala 06 Mmesa lebaleng la Nelson Mandela Bay pele ho papadi ya bona le TS Galaxy.

BALA HAPE: Broos o tshwara a tlohela ka bokamoso ba hae le Bafana Bafana