Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

FIFA e tsibisa melawana e metjha e tla sebetsa mohopeng wa lefatshe

Mokgatlo o tsamaisang bolo ya maoto lefatsheng o tsibisitse melawana e mehlanp ya moraorao e tla sebediswa dipapading tsa mohope wa lefatshe o tla bapala haufinyana.

Melawana ena, ke karolo ya melao e ntseng e kena papading ya bolo e le ho kgema le dinako le ho leka ho natefisa papadi.

𝗤𝗨𝗜𝗖𝗞 𝗦𝗨𝗕𝗦

FIFA, e tsibisitse ha sehlopha setla fuwa metsotswana e 5 ho akgela bolo ka lebeleng kapa ho tlosa bolo mekwallong. E bang sebapadi kapa sehlopha se nka nako e fetang eo, batla lahlehelwa ke bolo eo.

𝗧𝗛𝗥𝗢𝗪-𝗜𝗡𝗦 𝗔𝗡𝗗 𝗚𝗢𝗔𝗟 𝗞𝗜𝗖𝗞𝗦

Sebapadi se tswelang kantle setla fumana metsotswana e 10 ho tswa. E bang sebapadi se iketla, sebapadi se kenang setla ema motsotso pele se kena la lebaleng.

𝗠𝗘𝗗𝗜𝗖𝗔𝗟 𝗔𝗧𝗧𝗘𝗡𝗧𝗜𝗢𝗡

Sebapadi se fumantshwang thuso ya bongata se lokela hotswa ka lebaleng le ho dula kantle motsotso ntle le ha kotsi ya hae e bile ka phoso e hlaotsweng ke moletsaphala.

𝗩𝗔𝗥 𝗘𝗫𝗣𝗔𝗡𝗦𝗜𝗢𝗡

VAR e tla sebediswa ho lekola tekete ya bobedi e tshehla e fetohang karete e kgubedu e bang sebapadi se lokela ho e fumana.

𝗖𝗔𝗣𝗧𝗔𝗜𝗡 𝗔𝗡𝗗 𝗥𝗘𝗙𝗘𝗥𝗘𝗘𝗦

Mokaptene wa sehlopha ke yena fela a tla lokela ho bua le moletsaphala. E bang dipapadi tse ding dika leka ho ba le moletsaphala, ditla bontshwa karete e tshehla.

Melawana ena e tla tsamaisang le e meng ya papadi ho kenyeletsa o tlileng morao wa kgefutsong tse kgutswane hore dibapadi dinyaye nthane (ho nwa metsi).

BALA HAPE: Mokwetlisi wa Panama ha kgelle Afrika Boroa fatshe