Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e fetwa ke mokgahlelo wa pele wa CAF Confederation Cup

Sehlopha sa Kaizer Chiefs setla fetwa ke mokgahlelo wa pele wa dipapadi tsa CAF Confederation Cup e le mpho ya difate.

Sena ka lebaka la boemo ba sehlopha dipalopalo tsa CAF ka mora tshebetso ya bona ya sehla se fitileng.

Chiefs e bapetse dipapadi tsa dihlotshwana sehleng se fitileng mme sa qeta se dutse boemong ba boraro ka mora dihlopha tse pedi tsa Egypt.

BALA: Ncanana o hlakisa mantswe a hore Pirates ke lebitso feela

Chiefs, e se e tla bapala mokgahlelong wa bobedi moo batla bapala le sehlopha se hapang dipakeng tsa FC Rouge ya  Madagascar kapa Red Arrows ya Zambia.

Amakhosi, ke nngwe peding ya dihlopha tse emetseng Afrika Borwa mohopeng ona ha sehlopha se seng e le Durban City e tla bapala mokgahlelo wa pele.

BALA: Chiefs e fumana Faiz Abrahams ka kadimo ya selemo