Bolo ya maoto

Bafana Bafana ba kgutlela lapeng

Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se kgutlela lapeng ka mora ho hloleha ho feta pele dipapading tsa CHAN.

Afrika Boroa, e bapetse maleka a 3 – 3 le baamohedi ba baeting Uganda, papading eo ba neng ba lokela ho e hapa ho fetela pele.

Afrika Boroa e qadile papadi ka sekgahla e hlasele empa Uganda e ne e sa batle ho utlwa letho. Uganda e hlabile ntlha ho nka ketapele ya papadi le ho ya kgefutsong ba ihlomme pele.

Masole a mokwetlisi Molefi Ntseki, a kgutlela a baba le ho feta mohalaka le ho hlaba ntlha e lekanyang ka leoto la Ramahlwe Mphahlele.

Thabiso Kutumela, o hlabile ntlha e fang Bafana Bafana ketapele metsotso ka mora ntlha ya Mphahlele le ho fa maAfrika Boroa tshepo.

Ndabayithethwa Ndlondlo ya bapetseng ka bokgabane papading eo, o hlabile ntlha ya boraro ya Afrika Boroa metsotsong e 81 ya papadi.

Dinatla tsa Uganda, ditswetse pele ho tsomana le dintlha le ho qhobella Afrika Boroa ho etsa diphosong.

Metsotsong ya ho qetela ya papadi, Uganda e fumana thaho tse pedi tsa mekoko ka mora hore Kegan Johannes le Menzi Masuku ba etse diphosong ka hare ho sekgetjha sa di’18. Uganda e hlabile thaho tseo le ho lekanya ditlha (3 – 3).

Afrika Boroa, e ne e hloka ho hapa papadi hore e fetele dihlopheng tse 8 tsa ho qetela kapa Algeria e hlolwe ke Niger hore e be monyetleng.

Dipapading tse nne tseo Afrika Boroa e di bapetseng tlhodisanong ena, e hapile papadi e lengwe mme ba bapala maleka dipapading tse tharo kaofela.

BALA HAPE: afrika-boroa-e-bapala-maleka-le-niger