
Baba Mthethwa o etsa boipiletso ho SAFA ntlheng ya Mokoena
Mohasi wa papadi ya bolo ho Supersport Baba Mthethwa, o e ntse boipiletso ho South Africa Football Association (SAFA) ho se sebedise Teboho Mokoena papading kgahlano le Lesotho.
Mthethwa o hlalositse ha Mokoena a so fete kotlong ya hae ya dikarete tse tshehla mme ho mosebedisa kgahlano le Lesotho, ho ka beha naha ka mosing.
Africa Boroa, e ntse e le ditabeng ka ho sebedisa Mokoena kgahlano le Lesotho leotong la pele le ha Lesotho se sa hlahlela nyewe, kapa ho ipiletsa ka nako ho FIFA.
Le ha hole jwalo, naha ya Nigeria ke yona e bonahetseng e ikeme ka leshome le sena motso hore Afrika Boroa e nkelwe dintlha tse tharo ka lebaka la ho sebedisa Mokoena.
Mthethwa o hlalositse ha ho sebedisa Mokoena, ho ka fa Lesotho le dinaha tse jwalo ka Nigeria monyetla wa ho hlahlela nyewe botjha kgahlano le Afrika Boroa hobane Mokoena ha a so fetwe ke dipapadi ka lebaka la dikarete.
Afrika Boroa e ntse e beile letsoho phatleng ho utlwa ebang FIFA e tla ba ahlolela phoso ya bona ya leoto la pele kgahlano le Lesotho.
Mthethwa o entse boipiletso le ho batshehetsi ho ya lebaleng ka bongata ba lo tshehetsa sehlopha.
“Ma’Afrika Boroa a dulang Free State, tsamo tshehetsang Bafana Bafana. Ho na le dintho tse ngata tseo sehlopha se tobaneng le tsona kantle le ka hara lebala. Ha re yeng relo hapa papadi eo ka dintlha tse ngata,” ho realo Mthethwa.
Lesotho le tla amohela Bafana Bafana hosane ka labohlano lebale la Toyota, Bloemfontein. Papadi ena etla thakgoha ka hora ya botshelela bosiu e le papadi ya ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe.
BALA HAPE: broos-o-etsa-diphetoho-le-ho-bua-ka-mabala
