
Ronaldo o feta Messi le Eusebio ka palo ya dintlha papading
Sebapadi sa Portugal Cristiano Ronaldo, o fetileng Lionel Messi ka hoba sebapadi se seholo ka dilemo ho hlaba dintlha tse pedi [brace] dipapading tsa mohope wa lefatshe.
Sena ka mora hore Ronaldo a hlabe dintlha tse pedi ha Portugal e ne e hlola Uzbekistan ka 5 – 0 papading ya bona ya bobedi e bapetseng bosiu ba labobedi ka nako ya Afrika Boroa.
Ronaldo ya dilemo di 41 le matsatsi a 138, ke yena sebapadi se seholo ka ho fitisisa ho hlaba dintlha tse pedi [brace] ha Messi yena a tshwere ya sebapadi se hlabileng dintlha tse tharo [hat-trick] ka mora dintlha tsa hae kgahlano le Algeria.
BALA: Broos o tletleba ka seabo sa hydration breaks
Bobedi bona bo matha pele ka palo ya dintlha tse hodimo dihaneng tsa bona ho fapana mme Ronaldo o fitile le mohlabadintlha wa mehleng wa Portugal Eusebio ka palo ya dintlha tsa mohope wa lefatshe [10 goals]
Ronaldo e boetse yaba sebapadi sa pele lefatsheng ho hlaba dintlha mehopeng e tsheletseng e fapaneng ya lefatshe. Lekgetlo la pele Ronaldo a hlaba ntlha mohopeng wa lefatshe ke ka 2006.
BALA: Messi o tswelapele ho jara Argentina le ho roba direkoto
