
Sebapadi sa Chiefs se bitsetswa sehlopheng sa naha
Sebapadi sa Kaizer Chiefs se bapalang moleng o ka pele (striker) se fumana pitso eo e sale se e emetse ya ho bapalla sehlopha sa naha ya habo.
Flavio Silva, o fumane pitso ya ho emela naha ya hae dipapading tse pedi tsa setswalle tse tla bapala Kala 28 Hlakubele le kala 31.
Guinea-Bissau, e tla nkana le Burkina Faso matsatsi pele Silva a etsa dilemo tse 30 mme sena e tlaba mpho e kgolo ho apara mebala ya naha ya hae lekgetlo la pele.
Pejana Silva o ile a bitsetswa sehlopheng sa naha ka kgwedi ya Pudungwane empa papadi ya teng ya lokela ho hlakolwa ka mabaka a fapaneng.
Pele a fihla ho Chiefs, Silva o fetile dihlopheng tse jwalo ka Persik Kediri (Indonesia) le Benfica B (Portugal).
Sebapadi sena se bapalang hantle ka pela mekwallo se se se bapetse dipapadi tse 22 mme a hlabela sehlopha dintlha tse 7.
BALA HAPE: Mokwena o tla thulana le sehlopha sa hae sa mehleng papading ya setswalle
