
Sebapadi sa Mamelodi Sundowns se lemetse mehlare
Sebapadi sa Mamelodi Sundowns Peter Shalulile, a ka tswa a dutse kantle nako e teletsana ka lebaka la kotsi ya mehlare (jaws).
Ho ya ka ditlaleho tsa lesedinyana la Soccer Beat, Shalulile ya bileng ditabeng ha sehla se qala, o lemetse mehlare e leng se ka etsang a fetwe ke dipapadi tsa bohlokwa tsa sehlopha.
Shalulile eo e leng se seng sa dibapadi tsa bohlokwa sehlopheng sa Sundowns, o lemetse kotsi eo sehlopha se so hlaloseng boholo ba yona pele ho papadi e matla ya labohlano.
Le ha e le hona ho tsebahalang ka temalo ya Shalulile, ho tlalehwa ha sebapadi sena se se sefitile dithipeng ka katleho.
Sundowns, e tla kopana le sehlopha sa mokwetlisi wa bona wa mehleng Rhulani Mokwena MC Algers papading ya bobedi ya CAF Champions League.
Sundowns e kene leetong ho leba Algeria bakeng sa papadi ena e tlabe e tonetswe mahlo ke kontinente kaofela.
Sehlopha sena sa Tswhane, se fihlile ho makgaolakgang a CAF sehleng se fitileng ha ha bahlotswe.
Papadi ena e tla bapala labohlano bosiu ka 21:00 ka nako ya kwano Afrika Boroa mme e tla bapalla lebaleng la Ali la Pointe, Douéra, Algeria.
