Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Spain se hlola Argentina ho phetha nalane ya 2010

Naha ya Spain e hlotse bahlodi ba mohope lefatshe wa 2022 Argentina papading ya makgaolakgang ka 1 – 0 bosiung ba sontaha ka nako ya Afrika Borwa.

Ntlha ya Spain, e kene nakong e ekeditsweng [extra time] ka mora hore dihlopha ditshabane bophatswa metsotsong e 90.

Spain se hapile mohope ona lekgetlo la bobedi ka mora ho o hapa ka 2010 ka nako eo o neng o balapalla Afrika Boroa.

“La Roja” ba boetse ba etsa nalane ho hapa mohope ona lekgetlo la bobedi moo Afrika Boroa e bapetseng papadi e bulang kgahlano le naha ya Mexico.

Ka 2010 Bafana Bafana ba bapetse papadi e bula le Mexico mme Spain e bile sona se hapang mohope.

Le ka nako eo [2010] ntlha ya Spain ya tlholo e kene nakong e ekeditsweng ka mora maleka a 0 – 0. 

Dibapadi tsa Spain tse tharo, dihapile dikgau tsa dibapadi tse ipabotseng ha Mbappe le Netherlands ba fumaneng dikgau.

🏆 𝐆𝐨𝐥𝐝𝐞𝐧 𝐁𝐚𝐥𝐥: Rodri 🇪🇸
🏆 𝐆𝐨𝐥𝐝𝐞𝐧 𝐆𝐥𝐨𝐯𝐞: Unai Simon 🇪🇸
🏆 𝐘𝐨𝐮𝐧𝐠 𝐏𝐥𝐚𝐲𝐞𝐫 𝐀𝐰𝐚𝐫𝐝: Pau Curbasi 🇪🇸
🏆 𝐆𝐨𝐥𝐝𝐞𝐧 𝐁𝐨𝐨𝐭: Kylian Mbappe 🇫🇷
🏆 𝐅𝐚𝐢𝐫 𝐏𝐥𝐚𝐲 𝐀𝐰𝐚𝐫𝐝: Netherlands 🇳🇱

BALA: Mohope wa lefatshe o nyolla boleng ba Mbokazi