
Sebapadi sa Liverpool se batla ho bapalla Afrika Boroa
Sebapadi sa ntshetso pele ya Liverpool Carter Pinnington o hlalositse ha a ka kgona ho bapalla Afrika Boroa ho latela motso wa lelapa la habo.
Pinnington ya dilemo di 19 e bile e le sebapadi sa morao (center-back), o hlahetseng England mme o tsibisitse ha ntatae e le lentswallwa la Afrika Boroa e leng se mobehang monyetleng wa ho kgona ho bapalla Afrika Boroa.
“Nka kgona ho emela Afrika Boroa, ntate wa ka o hlahetse teng,” ho realo Pinnington.
Hoya ka lesedinyana la KickOff, Sebapadi sena se kene ntshetso peleng ya Liverpool a le dilemo di 7 mme a nyoloha jwalo ka mafapha ho fihlela a tekena tummellano le sehlopha se seholo le ha ha jwale a bapalla baka tlase ho 21 (under 21) sehlopheng.
Pinnington hase sebapadi sa pele ho utulla ha a ka kgona ho bapalla Afrika Boroa ka lebaka la batswadi ba hlahetseng Afrika Boroa.
Le ha hole jwalo, haho netefalletse kapa kganyetso ho se phatlaladitsweng ke lekejakejane lena haholo ka nako eo Afrika Boroa e itukisetsang dipapadi tsa setswalle le mohope wa lefatshe.
BALA HAPE: Sundowns e tla fetela mokgahlelong o latelang ka metopa
