Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Chiefs o arohana le sehlopha nakwana

Mokwetlisi (co-coach) sehlopheng sa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o fumane tetla ya ho leba lapeng naheng ya Burundi ka nako ya kgefutso ya FIFA ho thusetsa.

Burundi e entse kopo ho Chiefs hore Kaze a tle a tlo thusetsa ka dikeletso (Technical Advisor) sehlopheng sa naha setla bapala dipapadi tse pedi mme o tla kgutlela Naturena ka mora dipapadi tseo.

Burundi, e tla thulana le Chad dipapadi tse pedi tse qalang tsa Africa Cup of Nationa Preliminary Qualifiers.

Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Yanga (Young Africans) ya Tanzania, ke karolo ya bokwetlisi bo kotsometseng se maratswana sehlopheng sa Chiefs mme ba qeta ho hapa papadi ya bobedi ka tatellano ka mora ho hlola Magesi FC ka 2 – 0.

Ka mora kgefutso ya FIFA, Chiefs e tla nkana le Orbit College le TS Galaxy e qetang ho tlontlollwa ke Orlando Pirates ka 6 – 0.

Chiefs e dutse boemong ba bone (4) ka mora dipapadi tse 20 mme ba bokeleditse dintlha tse 36 ka dipapadi tse pedi ka letsohong papisong le dihlopha tse ding.

E bang e ka hapa dipapadi tsa yona tse tse pedi, Chiefs e ka dula boemong ba boraro ka dintlha tse 44.

BALA HAPE: Sebapadi sa Liverpool se batla ho bapalla Afrika Boroa