
Sehlopha sa Afrika leboya se mehlaleng ya sebapadi sa Pirates
Se seng sa dihlopha tse kgolo tsa Afrika leboya se tlalehwa se bontshitse kgahleho sebapading sa Orlando Pirates se hlaselang.
Ho ya ka lesedinyana la Unplayable, sehlopha sa Morroco sa Raja Casablanca, se bontshitse kgahleho ho sebapadi sa Pirates se ho Orbit College ka kadimo.
Raja e kwetliswang ke letswallwa la Afrika Boroa Fadlu Davids, e tlalehwa ha e na le kgahleho e matla sebapading sena se bonahalang se ntse se iphumana ka mora ho se bonahale ka seo a tsejwang ka sona.
Saleng, o lebile ho Orbit ka kadimo ho tswa ho Pirates ka mora hore a be le qhwebeshano le mokwetlisi wa ka nako eo wa sehlopha Jose Riveiro.
Letswallwa lena la Bloemhof, North West, se bapetse dipapadi tse mmalwa sehleng se fitileng le ho qeta nako a dutse kantle pele a tla tswa ka kadimo.
Raja ke se seng sa dihlopha tse matla tsa Morroco le ha se sa bapale ho CAF sehleng sena ka mora ho se fumane sebaka dihlopheng tse ka hodimo sehleng se fitileng.
Ha jwale Raja, e dutse boemong ba bohlano ka ntlha tse 15 mme ke se seng sa dihlopha tse nne tse so lahlehelwe sehleng sena tafoleng ya Botolo Pro.
Tebello ke ho bona e bang Pirates e tla arabela ka lefeng jwalo ka ha ho bohahetse Saleng e sa hlole e le se seng sa dibapadi tsa matlha sehlopheng ka mora ho tekena dibapadi tse leshongwana.
Saleng, o bonahala a tsohile molota ho Orbit moo a hlabang ditlha le ho thusetsa hore dihlajwe.
BALA HAPE: Pirates e fihlella tumellano thekisong ya Mbokazi
