Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sehlopha sa Czechia se mehlaleng ya sebapadi sa Mamelodi Sundowns

Sehlopha se bapalang naheng ya Czechia se utlwahala se batla ditshebeletso tsa sebapadi sa Afrika Boroa le Mamelodi Sundowns Thapelo Maseko.

Ho ya ka mehlodi e tshepahalang, SK Slavia Prague, e beile tjhelete tafoleng bakeng sa Maseko ka mora papadi e tswileng matsoho mohopeng wa lefatshe.

Sebapadi sena se qetile karolo ya bobedi ya sehla sehlopheng sa AEL Limassol eo le yona e bontshitseng kgahleho ho Maseko ka kadimo empa Sundowns e utlwahala e batla ho rekisa.

Sundowns e latile Maseko ka mora mohope wa lefatshe mme tebello ke ho bona e bang e tla morekisa kapa e tla tswelapele ho kadimana ka yena.

BALA: Leloko la Adams le tsibisa dintlha tsa tshebeletso ya sehopotso