
Selekane sa Hugo Broos le Bafana Bafana se fihla pheletsong
Mokgatlo o tsamaisang bolo Afrika Boroa wa SAFA, o netefaditse ha mokwetlisi wa sehlopha sa Bafana Bafana Hugo Broos a tla rola marapo.
Nako ya Broos e fihla pheletsong ka mora hore sehlopha se kgutle mohopeng wa lefatshe moo ba e ntseng nalane ya ho fihla dihlopheng tse 32 tsa ho qetela.
Broos o kwetlisitse sehlopha dilemo tse hlano mme a thusa sehlopha ho nyoloha ka dikgato tse 21 kaofela.
Letswalla lena la Belgium o tlohela sehlopha e le yena mokwetlisi ya dutseng nako e lelele ka ho fitisisa e le mokwetlisi wa Bafana Bafana.
Diphihlello tsa Broos ho Bafana:
👤 60 games
✅ 29 wins
⚖️ 19 draws
❌ 12 defeats
⚽️ 92 goals scored
🥅 62 conceded
🥉 AFCON Bronze
🌍 WC Last-32
BALA: UEFA e tshosetsa ka ho hula dinaha tsa yona mohopeng wa lefatshe
