
Queiroz o hlola Mosimane lebelong la ho kwetlisa Ghana
Mokwetlisi wa mehleng wa Bafana Bafana Carlos Queiroz o kgethwa hoba mokwetlisi wa naha e tla leba mohopeng wa lefatshe ya Ghana.
Queiroz ya lebisitse Afrika Boroa mohopeng wa lefatshe wa 2002 pele a tlohela mosebetsi, o ne a qhothisana lehlokwa le bakwetlisi ba jwalo ka Pitso Mosimane wa Afrika Boroa le ba bang.
Mosimane e ne e le e mong wa bakwetlisi bao mabitso a bona a neng a shejowe bakeng sa mosebetsi ona le ha a hlotswe ke mokwetlisi ya nang le boiphihlelo ho kwetliseng dihlopha tsa naha.
Queiroz eo ha ngata a sebetsang ke Roger de Sa jwalo ka mothusi wa hae, o tla tobana le phe
Mokwetlisi enwa ya tsebahalang ka “national team specialist” o sebeditse le dihana tse mmalwa tse jwalo ka Egypt, Oman, Portugal, USA le tse ding.
Tebello ke ho bona e bang Queiroz o tla bitsa De Sa ho tshwarisana le yena jwalo ka ha boholo ba nako a dula a sebetsa le yena.
De Sa le Queiroz ba sebeditse mmoho naheng ya Egypt le Iran ha lekgetlo la pele ba qadile ho sebetsa ka nako eo Queiroz a neng a kwetlisang Afrika Boroa ka 2002.
Ghana, e tla tobana le phepetso e kgolo ha e thulana le naha ya England, Croatia le Panama.
Sehlotshwaneng sena ke se seng sa tse matla jwalo ka ha England le Croatia e le tse ding tsa dinaha tse matla ha Panama e sa tsebahale haholo empa e le matla.
BALA HAPE: Mbekezeli Mbokazi o nka MLS ka setsokotsane
