Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Hlungwani o hlakisa taba ya leoto la Makhaula ho Bancé

Moletsaphala wa mehleng wa FIFA eo ha jwale eleng mohlophulli wa papadi ho SABC Victor Hlungwani, o fanne ka tlhakisetse ya ketsahalo ya papadi ya Carling Knockout.

Hlungwani o hlalositse ha qeto ya moletsaphala papadi ya Orlando Pirates le Marumo Gallants, e nepahetse le hore sebapadi sa Pirates Makhehleni Makhaula o fumane se motshwanetseng.

Makhaula o ile a bonwa a kena hampe ho sebapadi sa Gallants Ibrahim Bancé mme a bontshwa karete e tshetleha eo batshehetsi ba dumelang e le bobebe bakeng sa ketso eo.

“Re bone Makhaula a kenya leoto mme re lokela ho sheba ebang o le kentse ka ka sekgahla kapa bohlaswa (reckless and use of excessive force), ho realo Hlungwani.

“O lekentse leoto empa a le koba mme ha a le koba, ha e sale ho lekenya ka sekgahla.”

Hlungwani o hlalositse ha ketso ya Makhaula ya ho koba leoto, e bontshitse ha maikemisetso a hae e ne e se ho lematsa Bancé.

“Hone ho sa hlokahale karete e kgubedu. Ha a koba leoto, ke ha a botsha maikemisetso a ho se ntshe kotsi.”

“Karete e tshetleha ke yona e loketseng phoso eo Makhaula a e entseng.”

BALA HAPE Brian Baloyi o lla ka motho ya batlelang Chiefs dibapadi