Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

South Korea e kgetha naha ya Afrika ho itukisetsa Bafana Bafana

Naha e tla thulana le Afrika Boroa dipapading tsa mohope wa lefatshe ya South Korea, e tsibisitse ha e tla thulana le naha e nngwe ya Afrika ho itukisetsa dipapadi tsa mohope wa lefatshe.

South Korea, e tsibisitse ha etla bapala dipapadi tse pedi tsa setswalle le ho itukisetsa mohope wa lefatshe kgahlano le naha ya Austria le Ivory Coast.

Naha ena e tsibisitse ha e kgetha sehlopha sa Afrika boitukisong e le hobane etla thulana le Afrika Boroa mohopeng wa lefatshe o tla bapala haufinyana selemong sena.

“Papadi ena ke ya boitukiso ba Korea ba papadi ya boraro ya mohope wa lefatshe kgahlano le Afrika Boroa,” ho realo lengolo.

“Re lebeletse hore e papadi kgahlano le Côte d’Ivoire, e tlaba papadi e matla ho leka sehlopha sa rona jwalo ka ha Côte d’Ivoire e le sehlopha se matla, mafolofolo le hoba masene jwalo ka dihlopha tsa Afrika.”

Pejana Afrika Boroa e ile ya tsibisa ha yona e tla kena dipapading tse pedi tsa setswalle kgahlano le naha ya Panama e tla etela kwano lapeleng mafelong a kgwedi ya Hlakubele.

Bafana Bafana, ba sehlotshwaneng sa A le Mexico e tla amohela baeti ka kopanelo, Korea le sehlopha dipakeng tsa Denmark, Ireland le North Macedonia.

Dihlopha tse tharo tsena ke hona ditla bapala le ho tseka boemo ba ho leba mohopeng wa lefatshe. Sehlopha setla hapa, setla kena sehlotshwaneng le dihlopha Afrika Boroa, Korea Boroa le Mexico.

BALA HAPE: Ouaddou o re sehlopha sa bona se ntlafetse papisong le pele