Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Stanley Nwabali o kgutlela sehlopheng sa hae sa mehleng

Sethibathibane sa matjhabatjhaba sa Nigeria Stanley Nwabali, o kgutletseng sehlopheng sa hae sa Chippa United.

Nwabili o hlokile sehlopheng ka mora ho arohana le Chippa ka menyenyetsi ya hore hona le dihlopheng tse batlang ditshebeletso tsa hae kantle ho Afrika Borwa.

Sethibathibane sena e bile karolo ya AFCON moo a bapetseng karolo e kgolo ho thusa Nigeria mme ka mora moo a nka qeto ya ho arohana le sehlopha sa hae ho batlana le makgulo a matala.

Le ha hole jwalo, Nwabili o hlokile lehlohonolo la ho fumana sehlopha kantle le ka hare ho Afrika mme o tla apara mebala ya Chippa hape sehleng se tlang.

BALA: Sundowns e fanyeha nakwana leeto la bona la ho leba Austria