
Stellenbosch se etsa maqheka ho fumana ditekete tse ding
Sehlopha sa Stellenbosch FC se entse malebaleba a mang ho fumana ditekete bakeng sa papadi ya bona le sehlopha sa Kaizer.
Stellies se tla nkana kgikgitha le Amakhosi papading ya bona ya pele ya sehla sa Betway Premiership. Ditekete tsa papadi ena e tla bapalla Athlone, di fedile kaofela mesong ya labohlano.
Lebala la Athlone, le amohela batshehetse ba 34 000 mme tse 20 000 di ile tsa fela ka ho panya ha leihlo.”Ka lebaka la tlhokahalo, ditekete tse ding di tlaba teng bakeng sa papading ya Sontaha,” ho hlalosa sehlopha sa Stellenbosch.
Sehlopha se phatlaladitse hoseng ha labohlano hore ditekete di fedile, haholo jwale e le papadi ya pulamadiboho.
Tumelo ke hore batshehetsi ba Kaizer Chiefs ke bona ba rekileng boholo ba ditekete ho lo boha sehlopha sa bona senang le diphetoho.
Sehlopha sena sa Naturena, se rekile tse ding tsa dibapadi tse hlwahlwa le ho lokola tseo ba sa dihlokeng sehlopheng.
Papadi ya ho qetela ya Chiefs sehleng se fitileng, ke ha ba hlola Orlando Pirates 2 -1 mohopeng wa Nedbank Cup ho kgutlisa tshepo ya balatedi.
Ditekete tsa papadi eo e ne ele R80 teketeng kang mme dine di fumaheha marangrang a jwalo ka WebticketsSA le mabekeleng a PicknPay. Ha hona tekete e tla rekiswa lebaleng.
Translator: Kabelo Lehasa
