
Nabi o ntsha maikutlo ka menyenyetsi ya Zajmovic
Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Nasreddine Nabi o kokobeditse menyenyetsece ntseng e ipetsa ka mohlaba dintlha ya senang sehlopha, Dzenan Zajmovic.
Nabi o buile le ha mohlaba dintlha enwa a bile le sehla se setle le TS Galaxy moo a hlabileng dintlha tse 12.
Ka mora ho tekena mmapala-pele eo e leng letswalwa la Portugal, Flavio Silva. Silva o santsane a lokela ho itshupa sehlopheng.
Chiefs e ntse e batlana le mohlaba ditlha ya tshepahalang ya tla sebedisa menyetla. Chiefs e arohane le dibapadi Christian Saile le Ranga Chivaviro ba neng ba sa sebedisi menyetla.
Chiefs e mehlaleng ya mohlaba dintlha Etiosa Ighodaro eo ho bonahang eka bothata ke dipampitshana tsa tshebetso. Ha a botswa ka Zajmovic, Nabi o hlalositse ha a batla sebapadi sa sebopeho se fapaneng.
“Ha ke batle sebapadi se tshwanang ka boemo. Ha monyetla o le teng, dipampiri di le teng, ha a tle, empa ha ke batla sebapadi se hlwahlwa ho feta tse teng,” ke Nabi a phethela. Ka tekiso ya dibapadi e ntse e butswe,
Amakhosi e ntse e tsomana le mohlaba dintlha ya tswileng tjaro ya mabonwa.
Translator: Kabelo Lehasa
BALA HAPE: miguel-cardoso-o-hlalosa-maikemisetso-ka-ho-fokotsa-sehlopha
