
Peace Mabe: Afrika Boroa e tla tshwara mohope wa WAFCON
Le ha hose netefaletso ho tswa mokgatlong o tsamaisang bolo ka hara kontinenteng ya Afrika, setho sa mmuso wa Afrika Boroa Peace Mabe, se tsibisitse ha Afrika e tla tshwara mohope wa kontinenteng wa basadi (WAFCON).
Tsibiso ya motlatsa letona lena la dipapadi, e tla ka mora hore ho utlwahale ha Morocco e ikgutse ho ka tshwareng dipapadi tsena mme e etsa sena ho setse matsatsi a ka tlase ho a 60 pele e ka thakgoha.
Dipapadi tsena tsa WAFCON tsetla bapala ka kgwedi ya Hlakubele le Mmesa, ke tsa tla ntsha dihlopha tsa basadi tse tla emela kontinente mohopeng wa lefatshe ka 2027 naheng ya Brazil
Morocco eo e le thatohatsi ya ho tshwara dipapadi tsa kontinente boholo ba nako, e ne e tshwere dipapadi tse fitileng tsa WAFCON le AFCON mme haufinyana e tla tshwara dipapadi tsa mohope wa lefatshe ka kopanelo le Spain le Portugal.
Ho ikgutla ha Morocco ho ka tlisa tshepo ho dinaha tse jwalo ka Afrika Boroa le tse ding hore Morocco e kanna ikgula hape ho tshwareng dipapadi tse lateng jwalo ka ha dinaha diiketa ho amohela kontinente.
Qeto ena ya Morocco, e tla boela e baka ditaba ka mora hore naha ena e hlolwe ho makgaolakgang a bileng ditaba ke naha ya Senegal mme ka mora moo ho fihle kotlo e tswa ho CAF ka lebaka la maitshwaro a bileng teng papading eo.
Ha jwale tebello e kgolo e ho mokgatlo o tsamaisang bolo kontinenteng ho etsa tsibiso ya semmuso le ho nnefatsa ha Afrika Boroa e tla amohela kontinente dikgwedi tse tlang.
BALA HAPE: Selepe sa CAF se kgatha se sa kgethe lehlakore ho Senegal le Morocco
