Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o lla ka lesedinyana le nyenyelepisetswang ASFAR

Ka mora papadi eo ba hlotseng Siwelele ka 7 – 4 ho yona, mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o llile ka dintho tse sehlotshwana ho kenyeletsa ho nyenyelepitswe ha lesedinyana la sehlopha.

Cardoso o hlalositse ha hole teng motho a ntseng a nyenyelepisa (spy) diketsahalo tsohle tsa sehlopha sehlopheng seo batla tobana le sona sa ASFAR mohopeng wa CAF Champions League.

“Nka o jwetsa ntho e le nngwe mme batho ba ke ke ba kgolwa ha kere keya tseba hore letsatsi ka mora hore re bapale le Chiefs, ASFAR e fumane kgatiso ya papadi ya rona (wide-angled video),” ho realo Cardoso.

“Ke ya tseba hobane hona le motho ya boneng. Mme ka lebaka la seo, re lokela ho lwana haholo ho feta, hore re tobane le ntho e nngwe le e nngwe.”

BALA HAPE: Sundowns e welwa ke leru le letsho la dikotsi

Cardoso, ha a qale ho etsa ditlaleho tsa mofuta ona mme lekgetlong le fitileng, ke moo e mong wa batlatsi ba hae, a ileng a behellwa ka thoko mosebetsi pele a nyaolwa sehlopheng.

Cardoso o ile a etsa diqoso (accusations) tsena kgahlano le Mario Masha ka hore o nyenyelepisa Rulani Mokwena ditaba mme le ha hole jwalo, Sundowns e ile ya hlola le ho ntshetsa sehlopha sa Rulani sa MC Alger kantle dipapading.

Sundowns e tlo thulana le ASFAR papading ya maoto a mabedi moo leoto la pele letla qala kwano lapeng kala 15 Motsheanong mme la bobedi le lebe Morocco kala 25 Motsheanong.

BALA HAPE: Sebapadi sa Chiefs setla feta dithipeng le ho fetwa ke dipapadi