Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Thembinkosi Lorch o qala bophelo ka ntlha Libya

Sebapadi sa mehleng sa Wydad Casablanca le Mamelodi Sundowns Thembinkosi Lorch, o bapetse papadi ya hae ya pele sehlopheng sa hae se setjha sa Al Ittihad SC ya Libya.

Lorch o kene karolong ya bobedi ya papadi ka mora ho qala a le bakeng mme motsotsong wa 83 ke ha a hlabela sehlopha sa hae ntlha ya ho nka ketapele (1 – 0).

Ntlha ya Lorch e bile yona phapang ha Al Ittihad e ne e hlola Al Shomoa ka 1 – 0 ho fetela mokgahlelong o latelang wa Libyan Cup.

Papadi ena e ne e le ya Lorch ya pele sehlopheng ka mora ho tekenwa hotswa Casablanca le ho tsibiswa semmuso matsatsi a fitileng jwalo ka setlabotjha sehlopheng.

Le ha papadi ya bolo naheng ya Libya e se hodimo jwalo ka Afrika Boroa kapa Morocco, tumelo ke hore Lorch e tlaba se seng sa dibapadi tse tla fumana moputso o hlamatsehang le hoba dibapadi tsa boemo bo hodimo naheng eo.

BALA HAPE: Cardoso o kgutsisa lerata ka ho hlola MC Alger