
Dibapadi tsa Afrika Boroa dingola mabitso a tsona naleng
Dibapadi tsa Afrika Boroa ditswelapele ho ipabola ka makgabane le ho ngola mabitso a tsona nalaneng ya papading ya krikete lefatsheng.
Afrika Boroa, e hlotse New Zealand ka wicket tse 7 papading ya boraro ya mohope wa lefatshe wa T20.
Di’Proteas dihapile lotho mme ba kgetha ho akgela pele le ho fa New Zealand monyetla wa ho otla pele.
New Zealand e kgonne fela ho etsa mematho e 175 ho tswile dibapadi tse 7 (175/7) mme Afrika Boroa ya kgona ho lelekisa mematho eo ho tswile dibapadi tse 3 (178/3) le ho itlholela papadi ka wicket tse 7.
Mokaptene wa sehlopha Aiden Markram (86*) o eteletse sehlopha pele ka bokgabane le ho etsa nalane ya hoba mokaptene wa pele wa Afrka Boroa ho etsa mematho e (86*) a tlosa nalane ya AB de Villiers (69*) ka 2014 kgahlano le England.
Markram o robile rekoto ya ho etsa mematho 50 ka dibolo tse hlase (19 balls) le ho tlosa Quinton de Kock ya neng a dutse ka dibolo tse (21 le 22 balls) ka 2016 le 2024 ka ho fapana.
Ka lehlakoreng le leng De Kock o e ntse nalane ya hoba sebapadi sa pele sa Afrika Boroa ho fihlile mematho e 3000 dipapading tsa T20 ha Marco Jansen a ketotse dibapadi tse nne (4 wickets) lekgetlo la hae la pele papading ya T20.
Afrika Boroa. E bile sona sehlopha kapa naha ya pele ya ho phunyeletsa mokgahlelong o latelang wa dihlopha tse 8 (super 8) le ha ntse ba setse ka papadi ka letsohong.
BALA HAPE: Boiphihlelo ba Lungisani Ngidi bo thusa naha ho hapa dipapadi
