Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

UEFA e nyatsa qeto ya FIFA ya ho fetola karete ya Folarin Balogun

Mokgatlo o tsamaisang bolo Europe e leng UEFA, o makalletse qeto ya FIFA ya ho fetola karete e kgube bonweng ke sebapadi sa naha ya America.

Sebapadi sa America Folarin Balogun o ne a lokela ke ho fetwa ke papadi ka lebaka la karete e kgubedu empa o tla bapala ka mora hore FIFA e fanyehe karete eo e kgubedu.

UEFA e hlalositse qeto ena e le “crossed a red line” ka mora hore FIFA e fetole qeto ka mora hore mopresidente wa America Donald Trump a hlalose a tla bua le mopresidente wa FIFA Gianni Infantino ka taba eo.

UEFA e hatelletse hore papadi ya bolo e thehilwe ka melawana e lokelang ho latelwa ntle le tsekamelo jwalo ka ha bolo e ratwa e bile ena le tsutsumetso e kgolo lefatsheng.

Naha eo America e tla tobana le yona ya Belgium, e tswa lebatoweng la UEFA mme le sehlopha seo Balogun a fumaneng karete kgahlano le sona sa Bosnia Herzegovina se tswa lebatoweng la UEFA.

Tebello ke ho bona e bang sehlopha le mokwetlisi wa America Mauricio Pochettino o tla fela a sebedise Balogun le ha ditaba dile ngata ka mora lebitso la hae.

BALA: Chiefs e phatlalatsa sethibathibane se setjha bokeng ya bona