Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

William Shongwe: Mbule a ka etsa phapang e kgolo ho Derby

Sebapadi sa mehleng e bile e le mohlophulli wa papadi ya bolo William Shongwe, o hlalositse ha Pirates e lokela ho bapadisa Sipho Mbule.

Shongwe o hlalositse ha Mbule a le bohlale ba ho bebofatsa papadi ho latela tsela eo a nahanang ka yona.

“Mbule a ka etsa phapang e kgolo ho Derby, “Ke a tseba hore ba bang ba nahana hore ha a hlabe ka ho lekaneng… empa ka mora moya oo wa ho se tsotelle, ho na le boitshwaro ba e mong wa ba molemo ka ho fetisisa.”

Maikutlo a mangata ka Mbule jwalo ka ha a sa bapala dipapadi tse ngata selemong sena empa Shongwe, o na le tumelo e fapaneng ka sebapadi sena.

“Empa dipapadi tsa mofuta ona ke tsona tse ka behang Mbule tseleng e nepahetseng. A ka ba sebete, a re, ‘jwangale, ena ke nako ya ka.’ A ka etsa hore batho ba mo hopole.

Pejana Tlou Segolela o hlalositse ha Mbule a lokela ho emela nako ya hae jwalo ka ha a ntse a qala papadi a hlaha bakeng kapa a sa bapale ka kotloloho.

Shongwe o dumela ha Mbule a hloka batho ba utlwisisang tsela eo a leng ka yona hore dintho ditsamaye thekeng la tshwene.

“O hloka feela batho ba mo tsebang le ho mo utlwisisa hantle. O hloka motho ya ka mo tsosang, a mo halefise hanyane. Mo lokolle, mo lese a tsamaye.”

“Ba ka lebala dipapadi tse ding tsohle, empa ena ke papadi ya bohlokwa ka ho fetisisa. O na le botho boo.”

BALA HAPE: Segolela: Mbule o lokela hoba le pelo le ho ema