Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Zimbabwe e lebisa papadi kgahlano le Bafana Bafana Botswana

Naha ya Zimbabwe e nkile qeto ya ho lebisa papadi ya ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe kgahlano le Afrika Boroa naheng ya Botswana.

Zimbabwe, e ntse e bapallang dipapadi tsa yona tsa ho phunyeletsa kwano Afrika Boroa ka lebaka la ho hloka mabala a boemong ba FIFA le CAF.

Lekgetlong lena, ‘The Warriors‘ ba nkile qeto ya ho leba Botswana ha batlabe ba thulane le Afrika Boroa e hlokang ditlha tse tharo fela ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe wa 2026 ho la America.

Lekgotla la ho qetela Zimbabwe le Afrika dibapala e ne e le selemo se fitileng lebaleng la Toyota, Bloemfontein. Afrika Boroa, e ile ya kgwathisa Zimbabwe ka ntlha tse tharo ho e lengwe (3 – 1) ka pele lebale le neng le tletse ka labobedi bosiu.

Ho dumelwa ha qeto ena ya ho fetola mabala ha Zimbabwe e le hobaleha bolatedi bo bongata boo Afrika Boroa e ka bo bontshang ebang papadi e bapalla lebaleng le fe kapa le fe la Afrika Boroa.

Zimbabwe e tla amehela Bafana Bafana ka la 10 kgweding ya Mphalane lebaleng la Obed Itani Chilume toropong ya Francistown, Botswana.

Papadi ena ke ya borobong ya ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe mme e tla bapala ka hora ya boraro (15:00) thapama.

BALA HAPE: Broos o re papadi e bapetse hoya ka tebello