Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Zimbabwe Football Association e fetola lebala

Mokgatlo o tsamaisang bolo naheng ya Zimbabwe o fetotseng lebala la papadi kgahlano le sehlopha sa naha ya Afrika Boroa.

Papadi ena e dipakeng tsa Bafana Bafana le Zimbabwe e ne e hlophiseditswe le ho rerelwa ho tshwarelwa lebaleng la Obed Itani Chilume naheng ya Botswana empa sena sa fetola.

ZFA e tsibisitse ha papadi ena e tla bapalla lebaleng la Moses Mabhida le amohelang balatedi ba feteng 55 000 motse thekong Durban.

Ho fetolwa hona hotla ka mora hore ho hlaloswe ha lebala la Obed Itani le tlaba le mokete oo letla o tswara mme le ke ke la amohela baeti bakeng sa papadi ya bolo.

BALA HAPE: FIFA e bula nyewe kgahlano le SAFA le Mokoena

Bafana Bafana ba emetse ho utlwa hotswa ho FIFA ebang ba fumana kotlo ka mora hore mokgatlo ona o tsamaisang bolo lefatsheng o bule nyewe ya le ho shebana le ho bapadisa sebapadi seneng sena le ditekete tse pedi tse tshehla.

E bang FIFA e ka nkela Afrika Boroa dintlha, batla lokela ho hapa dipapadi tsa bona ka bobedi kgahlano le Zimbabwe le Rwanda hore ba lebe mohopeng wa lefatshe.

Papadi ena ya Afrika Boroa le Zimbabwe e tla bapala ka la 10 Mphalane e le labohlano lebaleng la Moses Mabhida, Durban.

BALA HAPE: Zimbabwe e lebisa papadi kgahlano le Bafana Bafana Botswana