
Afrika Boroa e hapa letoto ka papadi ka letsohong
Sehlopha sa naha sa krikete se hlotse letoto la T20 kgahlano le West Indies ka papadi ka letsohong ka mora ho hapa papdong ya bobedi ka wicket tse 7 papading e bapalletseng lebang la Supersport Park, Centurion.
Di’Proteas, dihapile lotho mme ba qobella West Indies ho kena le ho otla pele. Makenong a bona ka molangwana, West Indies e kgonne ho bokeletsa mematho e 221 ho tswile dibapadi tse 4 (221/4).
Shimron Hetmyer (75) le Sherfane Rutherford (57*) ba lekile ho ahela baeti lebota la popota pele Keshav Maharaj a ketola Hetmyer.
Afrika Boroa e qadile makeno a yona e le tlasa kgatello ya ho lelekisa papadi mme kgatello ya nyoloha ha mokaptene wa sehlopha Aiden Markram a tswa ka mematho e 15.
Quinton de Kock e bile motshwara-teu wa sebele ha ane a etsa mematho e 115 ho atametsa Afrika Boroa haufinyana le tlholo ya bobedi ka tatellano pele a ketolwa. Ryan Rickelton (77*) le yena o bapetse karolo e kgolo ho fihlisa sehlopha moleng wa tlholo ho hapela naha letoto ka papadi ka letsohong.
Rickelton o qetile papadi a le ka lebaleng le Janson Smith (6) sehlopha se e ntse memtatho e 225 ho tsile dibapadi tse 3 (225/3).
Sehlopha setla kena papading ya boraro e bile e le ya ho qetela pele ba kena leetong ho leba India moo batla tobana le dihlopha tse jwalo ka Canada, New Zealand, Afghanistan le United Arab Emirates.
Papadi ena eo sehlopha setla apara mmala o pink e tla bapala ka moqebelo mme e tla thakgoha ka 18:00 bosiu lebaleng la Buffalo Park, East London.
BALA HAPE: Afrika Boroa e feta ha bobebe ho West Indies papading ya pele
