
Amr Famhy o hlalosa ho lelekwa ha Riveiro
Moqolotsi wa ditaba tsa papadi ya bolo wa Egypt Amr Famhy o hlalositse ha qeto ya ho lelekwa ha Jose Riveiro jwalo ka mokwetlisi wa Al Ahly e bonahetse e le hole.
Puisanong le Thabiso Mosia ho Radio2000, Famhy o hlalositse ha mabaka a susumeditseng qeto ya ho nyaolwa ha Riveiro a le leshongwana.
Famhy o hlalositse ha sehlopha se tsetetse tjhelete e ngata dibapading hore seka qala ka monyebe le ho bapala maleka ha bonolo.
O tswetse pele ho hlalosa ha batshehetse ba ne ba sa thabele tsela eo Riveiro a neng a bapala ka yona le hore sehlopha sene se batla tlholo ya ka pele.
“O bonahetse a sena taolo ya sehlopha ka diphaphusing tsa ho fetolela (dressing room). Al Ahly ke sehlopha se nang le dibapadi tse hlwahlwa mme ha hona nako ya ho aha,” ho realo Famhy.
Famhy o hlalositse ha Riveiro a ne a le tlasa kgatello e matla ho tloha qalong hobane e ne e se yena thatohatsi.
“O ne a le tlasa kgatello hobane ho ne ho sa lebelwa yena. Mokwetlisi ya neng a batlwa o lebile Saudi mme ha jwale ba bang ba batshehetse ba batla Pitso Mosimane a kgutle.”
“Ho ka sebe bonolo hobane o lelekilwe ke batsamaisi (Directors) mme ba ke ke ba dumela phoso tsa bona ha bobe.”
Ha jwale Al Ahly e tla tswa e sa kwetliswang ke Emad El Nahhas ya kileng a sebetsa jwalo ka motlatsa mokwetlisi hona ho Al Ahly tlasa Marcel Koller.
BALA HAPE: al-ahly-e-leleka-mokwetlisi-jose-riveiro
