Krikete

Di’Proteas di hapa papadi ya pele ya ODI

Sehlopha sa naha papading ya krikete sa di’Proteas, se bureditse naha ya England ka wicket tse supileng papading ya pele letotong la tse tharo tsa letsatsi ka leng (ODI).

Mokaptene wa sehlopha Temba Bavuma, o hapile lotho mme a kgetha ho akgela pele (bowling) le ho fa England monyetla wa ho otla (batting).

Papading e qadile butle bakeng sa Afrika ho fihlela Nandre Burger le Lungisani Ngidi ba ketola dibapadi tse bulang.

Wiaan Mulder, o ile a fumana morethetho mme a qala ho etsetsa England mpipetsi ka ho ketola dibapadi tse tharo.

Mokaubere Keshav Maharaj, o ketotse dibapadi tse nne ho qobella England hotswa ka 131 ka mora overa tse 24.3.

Makenong a yona, Afrika Boroa e lelekisitse 131 ka dibapadi tse pedi e leng Aiden Makram ya tswileng a dutseng ho 85 le Ryan Rickelton ya qetile papadi a dutse ho 31*.

Temba Bavuma (6) le Tristan Stubbs (0) ba kene mme ba tswa ho setse momatho o le mong hore Afrika Boroa e hape papadi.

Brevis Dewald o kene a le mafufutha mme a etsa mematho e tsheletseng bolong tse pedi ho qeta papadi ka 137.

Maharaj, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora papadi e tswileng matsoho ya ho ketola dibapadi tse nne (4) ka overa tse 5.3 mme ba mo otlile mematho e 22.

Afrika Boroa, e itlhoma pele (1 – 0) dipapading tse tharo tsa di’ODI mme papadi e lateng ya bobedi e tla bapala ka la boraro lebaleng la Lord’s ka hora ya bobedi ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: bavuma-o-tshitse-maikutlo-ka-papadi-ya-ho-qetela