Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Andile Jali: Mofokeng o sale monyane ho bapiswa le Zwane

Sebapadi sa mehleng sa K.V. Oostende, Chippa United le Swallows se qheletse ka thoko papisong e etswang dipakeng ka Relebohile Mofokeng le Themba Zwane.

Andile Jali ya neng a bua ho Arena Sports Show, o hlalositse ha papiso ena e sa etse kelello ho latela dilemo tseo bobedi bona bo dibapetseng haholo jwang Mofokeng e le hona a ntse a qala ho bapala ha Zwane e le kgale a bapala.

“O kase bapisi sebapadi se senyane se bapetseng selemo le motho a bapatseng dilemo tse 10 ka tatellano. O kase bapale selemo kapa tse pedi re be re qala ho bua,” ho realo Jali.

Jali o lemositse ka kotsi ya ho bapisa Mofokeng le dibapadi tse ding le hore e ka mo ama ka ditsela tse fapaneng yaba ya ama le tsela eo a bapalang ka yona.

“Re lokelang ho motlohela a bapale a natefelwe hobane hare mobapisa a ke ke a hola. Bona ho bile le nako eo a neng a sa bapale hantle batho ke ha ba qala ho bua.

BALA HAPE: Beganovic o leboha kgefutso ya FIFA ka mora 6 – 0 kgahlano le Pirates

“Re lokela ho motlela a bapale re tlohele ho mobapisa le ho bua hore mang o tsamaile yena a sala mme le yena o lokela ho itukisa a be hantle pele batho baka bua.”

Bobedi Mofokeng le Zwane ke dibapadi tsa sehlopha sa naha tseo tumelo e leng hore ditla emela naha dipapading tsa mohope wa lefatshe mme ka bobedi ba bapala sebakeng sele seng ka lebaleng le ha ba bapala ka ho fapana.

BALA HAPE: Jali o ntsha lekunutu le moqabantseng le Mokwena