Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Beganovic o leboha kgefutso ya FIFA ka mora 6 – 0 kgahlano le Pirates

Mokwetlisi wa sehlopha sa TS Galaxy Adnan Beganovic o lebohile kgefutso ya FIFA ka ho bafa monyetla wa ho iphumula dikeledi ka mora ho tlontlollwa ha bohloko ke Orlando Pirates.

‘The Rockets’ ba hlotswe ke Pirates ka 6 – 0 papading ya Betway Premiership papading eo e neng e le ya bona ya lapeng.

Beganovic o hlalositse ha phomolo ya FIFA e ba file nako ya ho lebala se etsahetseng le ho itukisetsa dipapadi tse tlang ka mehopolo e phodileng.

“E bile phomolo e bohlokwa ya FIFA mme e re thusitse haholo ho lebala ka papadi eo. E ne e le papadi eo re sa utlwisising hore re hlajowe jwang dintlha tse ngata jwalo le ho hlolwa ke ho laola papadi,” ho realo Beganovic.

BALA HAPE: Afrika Boroa e hlaha dinaheng tse tlase ka ho fitisisa dipalong tsa FIFA

Galaxy e tla kena papading e tlang pele ho makgaolakgang [semi-final] ya mohope wa Nedbank kgahlano le sehlopha sa Milford mme Beganovic o hlalositse ha bale malala-a-laotswe bakeng sa papadi eo le tse ding tse tla latela.

“Re malala-a-laotswe bakeng sa dipapadi tse setseng mme le dibapadi dikgothetse. Re buile le ho shebisana tsa papadi e fitileng mme re dumelane hore ntho ya mofuta oo e ke ke ya etsahala hape.”

Le ha ba hlotswe ha bohloko ke Pirates, Galaxy ke yona e hlotse le ho ntsha  Mamelodi Sundowns mohopeng wa Nedbank ka ho ba hlola ka 2 – 0. sehlopha sena hase so hlajwe ntlha dipapading tse tharo tsa Nedbank Cup mme ba kile ba hapa mohope ona nako e fitileng.

Sehlopha setla amohela Milford ka sontaha lebaleng la Solomon Mahlangu mme papadi e tla thakgoha ka 15:00 motsheare.

BALA HAPE: Orlando Pirates e bontsha maikemisetso mahlakore ho fapana