
Makgopa le Mabasa ba batlwa ke sehlopha sa Tshabalala sa mehleng Turkey
Bahlabadintlha dintlha ba Afrika Boroa Tshegofatso Mabasa le Evidence Makgopa, ba batlwa ke sehlopha sa naha ya Turkey ka ho fapana.
Erzurumspor FK, e bontshitse kgahleho e kgolo ho Mabasa ya senang sehlopha le Makgopa ya dibukeng tsa Orlando Pirates.
Ho ya ka mohlodi wa ditaba Tıbbıye Bülteni, Erzurumspor e batla bahlabadintlha ba sehlahlo le ho bopeha hantle jwalo ka Mabasa le Makgopa ho matlafatsa sehlopha sa bona tlhaselong.
Sehlopha se utlwahala se ikemiseditse ho reka e mong wa bahlabadintlha ha e mong seka monka ka kadimo ka maikemisetso a ho reka.
Le ha hole jwalo, dibapadi tsena hase tsona tseo sehlopha sena seleng mehlaleng ya tsona lenaneng le kgotsofaditsweng.
Erzurumspor, ha e qale ho bontsha kgahleho dibapadi tsa Afrika Boroa jwalo ka ha dilemo tse fitileng baile ba tekena sebapadi sa Kaizer Chiefs Siphiwe Tshabalala.
Tebello ke ho bona e bang dibapadi tsena ditla fela dilebe Turkey, haholo Mabasa ya senang sehlopha ka mora ho lokolwa ke Pirates a le haufi le hoba mohlabadintlha wa bona wa nako tsohle.
BALA: Argentina e tla bapala makgaolakgang ha bedi ka tatellano
